Visit the national COVID-19 Online Resource and News Portal at www.sacoronavirus.co.za or see SARS COVID-19 news items and tax relief measures here.

TEO – Sesotho

MEKGATLO E SA ANGWENG KE LEKGETHO

Mekgatlo e seng ya Phaello le Lekgetho

Mekgatlo e seng ya phaello le lekgetho e kgatha tema ya bohlokwa setjhabeng ka ha e abelana boikarabelo ba ditlhoko tsa naha tsa phedisano le ntshetsopele le Mmuso. Tshwaro e kgethehileng ya lekgetho e tobile ho thusa mekgatlo eo e seng ya phaello ka ho tlatsetsa mehloding ya ona ya ditjhelete.   Le ha ho le jwalo tshwaro e kgethehileng ya lekgetho bakeng sa mekgatlo e seng ya phaello ha e etsahalale hanghang mme mekgatlo e ikamahanyang le ditlhoko tse behilweng ka hara Molao wa Lekgetho la Lekeno, wa 1962, di tlameha ho sebetsa bakeng sa ho se angwe hona.  Ebang kopo ya ho se angwe e tjhaetswe monwana ke SARS, mokgatlo o tla ngodiswa e le Mokgatlo o tswelang Setjhaba Molemo (PBO) mme o fuwe nomoro e ikgethang ya referense ya PBO.   Ho bohlokwa ho hlokomela hore mokgatlo o se nang sepheo sa ho etsa phaello kapa o ingodisitseng jwalo ka mokgatlo o seng wa phaello (NPO) kapa Khampani e seng ya Phaello (NPC) ha se hore hanghang feela o se o le monyetleng wa ho fumana tshwaro e ikgethang ya lekgetho. Mokgatlo o tla kgola molemo wa tshwaro e ikgethang ya lekgetho ka mora hore o etse kopo ya seo mme o fumane tumello jwalo ka Mokgatlo o tswelang Setjhaba Molemo (PBO) ho tswa ho Yuniti ya ho se angwe ke Lekgetho (TEU).

Mokgatlo o tswelang Setjhaba Molemo (PBO) ke eng

Boemo le ditlhoko tsa mokgatlo hore o tle o tjhaelwe monwana ho ba PBO di karolong ya 30 ha melao e laolang tshwaro e ikgethang ya lekgetho ya mekgatlo e tswelang setjhaba molemo (PBOs) e le karolong ya 10(1)(cN). Karolo ya 10(1)(cN) e fana ka ho se angwe ke lekgetho la tlwaelo bakeng sa dirasiti le dibokellwa tse itseng tsa di-PBO tse tjhaetsweng monwana. Le ha ho le jwalo dirasiti le dibokellwa tse itseng tse tswang kgwebisanong kapa diketsahalong tsa kgwebo di tla lefiswa lekgetho.   Di-PBO tse tjhaetsweng monwana di na le monyetla le boikarabelo ba ho sebedisa matlole a setjhaba, ao di a fumaneng ka tsela ya dinyehelo kapa ditsiane ntle le ho lefa lekgetho, molemong wa setjhaba. Dinyehelo kapa ditsiane di ka fumanwa setjhabeng ka kakaretso kapa ka kotloloho kapa ka mokgwa o sa tobang ho tswa Mmusong. Ka hona ho bohlokwa ho netefatsa hore mekgatlo e sa angweng ke lekgetho e sebedisa matlole a yona ka boikarabelo le mabakeng a behilweng feela, ntle le hore motho a une molemo ofe kapa ofe ka boyena ho akareditswe le bathehi le batshepuwa.     Di-PBO tse tjhaetsweng monwana di tlameha ho tswela pele ho ikobela Molao mmoho le melao e amanang le ona ho ya ho ile ha di sa ntse di le teng. Sena se kentse ho nyehelwa ha dikgutliso tsa lekgetho la lekeno foromong ya IT12EI. Kgutliso ya lekgetho la lekeno e kgontsha Khomeshenara ho hlahloba hore na PBO e sebetsa ho latela meedi e behilweng ya tumello e amehang eo mokgatlo o e filweng le ho fumana hore na metheo e sa fellang ya lekgetho e tlameha ho ama dirasiti le dibokellwa tse bileng teng ka lebaka la ketsahalo ya kgwebisano kapa ya kgwebo e seng monyetleng wa ho se angwe. Mokgatlo o fanang ka dithuso tsa boithuto, dibasari, dikgau tsa boithuto, tsa dipatlisiso kapa tse mabapi le ho ruta di tlameha ho ikobela boemo bo behilweng Molawaneng wa R.302 (o phatlaladitsweng Koranteng ya Mmuso ya Nomoro ya 24941 ka la 28 Hlakola 2003).

Dikabelo tse hulelwang lekgetho (Dirasiti tsa Karolo ya 18A)

Mmuso wa Afrika Borwa o ananetse hore mekgatlo e meng e itshetlehile hodima mosa wa setjhaba mme ho kgothaletsa mosa oo, o fane ka kgulo ya lekgetho bakeng sa dinyehelo tse itseng tse entsweng ke balefalekgetho. Bokgoni ba ho ntsha dirasiti tse kgonang ho hulelwa lekgetho bo itshetlehile hodima tumello ya 18A e fumanehang ho TEU, mme ke ya mekgatlo e itseng e tjhaetsweng monwana e sebedisang dinyehelo to tshehetsa Diketsahalo tse tjhaetsweng monwana tse tswelang Setjhaba Molemo.  Molefalekgetho ya etsang nyehelo e tshepahalang ya tjhelete kapa ya ntlo/moaho mokgatlong o tjhaetsweng monwana wa 18A, o tshwanelwa ke kgulo ya lekeno le lefiswang lekgetho ebang nyehelo e tsheheditswe ke rasiti ya karolo ya 18A e ntshitsweng ke mokgatlo oo kapa, tlasa boemo bo itseng, setifikeiti sa lekgetho sa mosebetsi se bontshang dinyehelo tse entsweng ke mosebetsi. Bokaalo ba dinyehelo tse ka bang monyetleng wa kgulo ya lekgetho di na le moedi.  

Ho nyehelwa ha IT12EI (Kgutliso ya Lekgetho la Lekeno)

Mekgatlo e sa angweng e tlameha hore hang ka selemo e nehelane ka kgutliso ya lekgetho la lekeno ya IT12EI e ka fumanehang ka tsela e latelang:

  • Ka tsela ya eFiling ebang o ingodiseditse ho ba eFiler;
  • Ka ho letsetsa SARS Contact Centre ho 0800 00 7277;
  • Ka ho etela lekala la hao le haufi la SARS; kapa
  • Ka ho letsetsa kapa ho etela ofisi ya Yuniti ya ho se angwe ke Lekgetho (TEU) 

Hlokomela: Diforomo tse koptjwang ho SARS bakeng sa ho tlatswa ka letsoho, di tla romelwa ka poso ho molefalekgetho ho se ho kentswe lesedi le itseng mmoho le barcode ya ho sala dintho morao. Kgutliso ya dikhampani e tlameha ho tlatswa le ho nyehelwa dikgweding tse 12 tsa mafelo a selemo sa ditjhelete sa ho se angwe ha mokgatlo, empa dikgutliswa tsa ditherasete le tsa ditheho tse ding di tlameha ho tlatswa le ho nyehelwa hang ka selemo le ho latela matsatsi a behilweng ke SARS. Kgutliso ya lekgetho la lekeno ya IT12EI e ka romelwa ka e nngwe ya ditsela tse latelang:

Ho o thusa ho tlatsa kgutliso ya IT12EI, o ka sheba Tataiso e Potlakileng – Mokgwa wa ho tlatsa kgutliso ya lekeno: Ditheo tse sa angweng (IT12EI).

Tshebeletso ka TEU

TEU ke ofisi e fumanehang SARS e shebang feela le dikopo tsohle tsa mekgatlo eo e seng ya phaello hore e tle e tjhaelwe monwana ho ba di-PBO.  Hore ho thibelwe tshebediso e mpe ya sena, TEU e boetse e beha leihlo boikobelo ba di-PBO mabapi le ditlhoko tsa ho tjhaelwa monwana. TEU e boela e jara boikarabelo ba ho hlahloba. TEU e lekola dikopo tsa ho se angwe ke lekgetho la lekeno ha ho tluwa dipehelong tsa Molao wa Lekgetho la Lekeno, wa 1962: –    

10(1)(cN)​​Mekgatlo yohle e tswelang Setjhaba Molemo (PBO’s) e nang le seabo diketsahalong tse kang tsa dikeretjhe, thekolohelo, bophelo bo botle le dikolo tsa paballo ya tlhaho
Karolo ya 10(1)(cA)(i)​​Setheo, Boto, kapa Moifo o thehilweng ke kapa tlasa molao ofe kapa ofe
​Karolo ya 10(1)(cA)(ii)​Khampani efe kapa efe ya Afrika Borwa eo diabo tsa yona kaofela di tshwerweng ke moifo o sa angweng ho latela dintlha tsa  10(1)(cA)(i).
Karolo ya 10(1)(cO)​​Sehlopha sa Boikgathollo
Karolo ya 10(1)(d)(iii)​​Fidelity kapa Indemnity Fund; Trade Union; Chamber of Commerce kapa Industries (kapa Mokgatlo wa Ditjhemba tse jwalo); Mutual Loan Association; Local Publicity Association.
Karolo ya 10(1)(d)(iv)(bb)​​Khampani, mokgatlo wa boikamahanyo kapa mokgatlo wa batho o thehilweng ho phahamisa ditabatabelo tse tshwanang tsa batho bao, ba etsang mofuta o itseng wa kgwebo, profeshene kapa mosebetsi.
Karolo ya 10(1)(e)(i)(cc)​​Boikamahanyo ba batho bo thehilweng ka sepheo sa ho tsamaisa ditabatabelo tse tshwanang tsa ditho kaofela tse mabapi le ditshenyehelo tse amehang tsa thepa ya bohle e sa tsamayeng
Karolo ya 18A:​​Tumello ya dinyehelo tse ka hulelwang lekgetho

TEU HA E shebane le dikopo tsa ho se amehe tsa batho ka bomong ba bona, Bahirisamosebetsi (IRP30), Dihlopha tsa Boikopanyi, Dikoporasi tse Kwetsweng, Ditherasete tse Ikgethang, Dikoporasi tsa Moifo (Body Corporates), Dikhampani tsa Dikarolelano tsa Diboloko (Share Block Companies), VAT, PAYE/UIF/SDL, Matlole a Molemo (Benefit Funds) le Mekgatlo ya Poloko (Burial Societies). Ho fumana thuso mabapi le efe kapa efe ya tsena, ka kopo letsetsa Contact Centre ho 0800 00 7277. 

Dintlha tsa boikopanyi tsa Yuniti ya ho se angwe ke Lekgetho (TEU) 

Aterese ya tulo:
2nd floor, SARS Pretoria CBD branch,
C/o Lillian Ngoyi and Francis Baard Streets
Pretoria, 0002
Aterese ya poso: P.O. Box 436
Pretoria
0001
Mohala: 012 – 483 1700 Fekse: 012 – 483 1701 Imeile:teu@sars.gov.za

Table of Contents

Share this page on:
Facebook
Twitter
LinkedIn
Email
Print